Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.
1 Timothea 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) a ntse a tseba hoba molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo le ba hanang ho utlwa, le ba hanang ditaba tsa Modimo, le baetsadibe, le dihlola, le banyefodi, le ba bolayang bontata bona, le ba bolayang bomma bona, le ba bolayang batho, BIBELE Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho, Baasraak Sotho NT le ntse le tseba hobane molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo, le ba sa utlweng, ba kgopo, le baetsadibe, ba sa halaleleng, ba ditshila, babolai ba bontata bona, le babolai ba bomma bona, le babolai. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 le ntse le tseba hobane molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo, le ba sa utlweng, ba kgopo, le baetsadibe, ba sa halaleleng, ba ditshila, babolai ba bontata bona, le babolai ba bomma bona, le babolai. |
Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.
Teng, ha a kgumamile tlung ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere ba mmolaya ka lerumo. Ba tshabela lefatsheng la Ararate; yaba Esare-Haddone, mora hae, e ba morena tulong tsa hae.
Yaba Jehova o romela lengeloi, la ya la timetsa banna ba bahale, le balaodi, le matona a diahelong tsa morena wa Assiria, mme Sankeribe a kgutlela naheng ya hae a hlabilwe ke dihlong. Teng, eitse ha a kene tlung ya modimo wa hae, ba tswileng thekeng la hae ba mmolaya ka sabole.
Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.
Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.
Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.
Hobane haele baporofeta le baprista ke banyefodi, le hona ke fumane bolotsana ba bona ka tlung ya ka, ho bolela Jehova.
Haele wena, kgosana ya Iseraele, wena molotsana o seng o tla hlajwa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella,
Mang le mang ya rohakang ntatae, leha e le mmae, o tla bolawa; o rohakile ntatae le mmae: madi a hae a tla ba hodima hae.
Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.
Ke basebi, ke baetselletsi, ke ba hloyang Modimo, ke barohaki, ke baikgantshi, ke baikgohomosi, ke ba qapang dimpe, ke ba sa utlweng baholo ba bona.
Leha e le pallo ya ho rua lefatshe ka mokgwa wa lefa, ha e a ka ya etsetswa Abrahama le ditloholo tsa hae ka molao, empa e bile ka ho loka ha tumelo.
Empa molao o hlahile hore tlolo e ngatafale; mme moo sebe se ngatafetseng, mohau le wona o ngatafetse kahodimo;
Hobane sebe se ke ke sa le busa, kahobane ha le pusong ya molao, empa le le pusong ya mohau.
Ha ho le jwalo, molao ke wa ho etsang? O beilwe ka baka la ditlolo, ho tle ho be ho fihle leloko leo dipallo di etseditsweng lona, mme o tiisitswe ke mangeloi ka letsoho la mmuelli.
ke mohono, le dipolao, le botahwa, le meharo, le dintho tse jwalo, tseo ke le bolellang, jwalokaha ke se nkile ka le bolella, hore ba etsang tse jwalo, ba ke ke ba ba ba rua mmuso wa Modimo.
Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.
Empa o hane ditshomo tsa bosawana, tse kang tse bolelwang ke basadi ba tsofetseng, mme o itlhakisetse borapeding.
Oho Timothea, boloka hle se beilweng kalosong ya hao, o tshabe dipolelo tsa lefeela, tsa bonyefodi, le diphapang tsa tsebo e bitswang jwalo ka leshano;
O hane meswaso ya dipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamayang ka tsona ba tla nne ba fetele nyefolong e fetisang;
Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefodi, le ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho le borapedi;
Hobane ba bangata ba teng, haholo hara ba lebollo, ba hanang ho utlwa, ba bolelang mafeela, ba thetsang ba bang,
Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.
ha o ka fumana monna ya se nang sekodi, e le monna wa mosadi a le mong, ya nang le bana ba dumelang, ba sa nyatsuweng ka ho re ke dihlola, kapa ba sa utlweng.
Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.
Ka tumelo, Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a timela le ba sa dumelang, hobane o ne a amohele dihlwela ka kgotso.
Ho se ke ha eba e mong e leng mofebi, leha e le ya etsang ditaba tsa Modimo bosawana, jwaloka Esau, ya neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tswalwa, a reka sejonyana se le seng feela.
Efela e le la bohlokwa ho lona ba dumetseng; empa, haele ho ba sa dumelang, lejwe le lahlilweng ke bahahi le fetohile ntlha ya motheo, le lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang.
e neng e ikgantshitse kgale, ha Modimo o ne o sa mameletse ka sebete, e leng mehleng ya Nowe, ha ho ne ho hahuwa areka, eo batho ba seng bakae, e leng ba robileng meno e le mmedi, ba pholositsweng ka yona metsing.
Mme ha esita ya lokileng a phela ka thata, eo e leng monyefodi le moetsadibe yena o tla leba kae?
Bonang, Morena o tlile le bahalaledi ba hae ba diketekete ho etsa kahlolo hodima bohle, le ho kgalemela banyefodi bohle ka baka la diketso tsohle tsa bonyefodi, tseo ba sitilweng ka tsona, le la dipolelo tsohle tse thata, tseo baetsadibe bao ba banyefodi ba di buileng hodima hae.
Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.
Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.