Wa ba wa theohela thabeng ya Sinai, wa bua le bona o le mahodimong; wa ba nea dikahlolo tse lokileng le melao ya nnete, le ditemoso tse molemo le ditaelo.
1 Timothea 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Athe re tseba hobane molao o molemo, ha motho a sebetsa ka wona ka tshwanelo, BIBELE Re a tseba hore molao o lokile, haeba motho a o sebedisa ka nepo. Baasraak Sotho NT Empa re tseba hoba molao o molemo, ha motho a o sebedisa ka tshwanelo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa re tseba hoba molao o molemo, ha motho a o sebedisa ka tshwanelo; |
Wa ba wa theohela thabeng ya Sinai, wa bua le bona o le mahodimong; wa ba nea dikahlolo tse lokileng le melao ya nnete, le ditemoso tse molemo le ditaelo.
Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.
Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho nna, ke ho re, nameng ya ka; hobane haele ho rata, hona ho teng ho nna, empa haele ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.
Ha ho le jwalo, na molao o hanana le dipallo tsa Modimo na? Le hanyenyane! Hobane molao o neilweng batho hoja o ka tseba ho phedisa, ruri ho loka ho ne ho tla tswa molaong.