A ba abela dijo tse pela hae, mme kabelo ya Benjamine ya fetisa dikabelo tsa bona kaofela hahlano. Mme ba enwa, ba thaba le yena.
1 Samuele 9:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Samuele a bitsa maopehi, a re: Hlahisa sekoto seo ke o fileng sona, ka re ho wena: Se bolokele kathoko ka ho wena. BIBELE Samuele a re ho moapehi: “Tlisa setho seo ke ileng ka o nea sona, ka re o se bee kathoko.” |
A ba abela dijo tse pela hae, mme kabelo ya Benjamine ya fetisa dikabelo tsa bona kaofela hahlano. Mme ba enwa, ba thaba le yena.
empa o ne a nea Anna seabo sa batho ba babedi, hobane o ne a rata Anna, leha Jehova a ne a mmeile nyopa.
Ebile Samuele ba ya le Saule le mohlanka wa hae, a ba isa moo ho jewang, mme a ba dudisa setulong se kapele ho ba memilweng, e leng batho ba batlileng ho ba mashome a mararo.
Moapehi a lata letsoho le se leng ho lona, a le bea pela Saule, mme Samuele a re: Bona, ke hona ho neng ho bolokilwe; ho bee pela hao, o je; hobane ho bo ho ntse ho boloketswe wena le jwale, haesale ke re, ke tla mema setjhaba. Yaba Saule ba ja le Samuele tsatsing leo.