Ba mo tsholela kahosele, le bona ba tsholelwa kahosele, le Baegepeta ba jang le yena ba tsholelwa kahosele; hobane Baegepeta ha ba na ho ja le Baheberu, hobane ke manyala ho Baegepeta.
1 Samuele 9:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Samuele ba ya le Saule le mohlanka wa hae, a ba isa moo ho jewang, mme a ba dudisa setulong se kapele ho ba memilweng, e leng batho ba batlileng ho ba mashome a mararo. BIBELE Yaba Samuele o nka Saule le mohlanka wa hae, o kena le bona ka tlung, o ba bea ka sehloohong ho ba memilweng, bao e neng e ka ba banna ba mashome a mararo. |
Ba mo tsholela kahosele, le bona ba tsholelwa kahosele, le Baegepeta ba jang le yena ba tsholelwa kahosele; hobane Baegepeta ha ba na ho ja le Baheberu, hobane ke manyala ho Baegepeta.
Empa enore ha o bitsitswe, o ye, o dule tulong e kamorao, hore ya o bitsitseng ha a etla, a re ho wena: Motswalle, fetela pele. Mme jwale, e tla ba hlompho ho wena hara ba dutseng dijong le wena.
Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?
Jwale, Samuele a bitsa maopehi, a re: Hlahisa sekoto seo ke o fileng sona, ka re ho wena: Se bolokele kathoko ka ho wena.