1 Samuele 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Taba ena ya mpa ya swabisa Samuele kamoo ba buang, kateng, ba reng: Re beele morena, hore a re ahlolele. Mme Samuele a rapela Jehova. BIBELE Empa ntho ena ya se ke ya thabisa Samuele, ha ba re: “Re nee kgosi e tla re busa.” Yaba Samuele o rapela Morena. |
Yaba Moshe o re ho Aarone: Setjhaba sena se o entse jwang ha o tla se dihela sebeng se sekalo?
Jwale, hoja o ka ba tshwarela tshito ya bona! Ha ho se jwalo, hlakola hle lebitso la ka bukeng ya hao eo o e ngodileng.
O kae morena wa hao? A o pholose metseng yohle ya hao! Le baahlodi ba bao ba kae? Athe ke ka bona bao o itseng: O nnee morena le mahosana!
Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.
Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?
Moshe a re ho Aarone: Nka pitsa ya dibano, o kenye ho yona mollo o tswang aletareng, o e tshele le dibano, o ye ho phutheho kapele, o e etsetse pheko; hobane kgalefo e tswile ho Jehova, lefu le se le qalehile.
Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.
Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.
Empa kajeno, le lahlile Modimo wa lona, wona o le lwetseng tsietsing tsa lona tsohle le mahlomoleng a lona wohle, la re ho wona: Tjhe, o re beele morena. Ha ho le jwalo, itlhahiseng jwale pela Jehova ka meloko ya lona le ka dikete tsa lona.
Le mohla le boneng Nahashe, morena wa bana ba Ammone, a etla a hlometse, la re ho nna: Tjhe, e ka kgona re buswe ke morena; athe Jehova, Modimo wa lona, e ne e le yena morena wa lona.
Ha ke re, kajena ke nako ya ho hela dikoro na? Ke tla bitsa ho Jehova, mme o tla dumisa diaduma tsa hae, a nese le pula, le tle le tsebe, mme le bone hobane bo boholo bobe boo le bo entseng pela mahlo a Jehova, kamoo le ikopetseng morena kateng.
Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.
Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.
Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.
Yaba Samuele, o re: Phuthelang Baiseraele bohle Mitspe, ke tle ke le rapelle ho Jehova teng.