1 Samuele 8:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme Jehova a re ho Samuele: Utlwa mantswe a bona, o ba kgethele morena. Ebile Samuele o re ho banna ba Iseraele: E mong le e mong a kgutlele motseng wa habo. BIBELE Morena a re ho Samuele: “Mamela dipolelo tsa sona, o se kgethele kgosi.” Samuele a re ho banna ba Iseraele: “Monna e mong le e mong a tsamaye, a kgutlele motseng wa habo.” |
Jehova a re ho Samuele: Mamela puo ya setjhaba kahohle kamoo se buang le wena kateng; hobane ha ba lahle wena, ba lahlile nna, hore ke se ke ka nna ka ba morena wa bona.
Monna wa Benjamine o ne a le teng, lebitso la hae e le Kishe, mora Abiele, mora Tserore, mora Bakorathe, mora Afia, mora wa Mobenjamine e mong; e ne e le monna ya matla, ya bohale.