1 Samuele 8:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) re tle re tshwane le ditjhaba tse ding, morena wa rona a tle a re ahlolele, a re etelle pele, a laole dintwa tsa rona. BIBELE e le hore le rona re be jwaloka ditjhaba tsohle, kgosi ya rona e re buse, e re etelle pele, e re lwanele dintweng tsa rona.” |
Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.
Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile.
Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,
Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao; Jehova, Modimo wa hao, o o kgethile hore o be setjhaba sa hae sa sebele, hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng.
Empa wa rona motse o mahodimong, e leng oo hape re lebeletseng ho kgutla teng ha Mmoloki Jesu Kreste, Morena;
Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;
Le mohla le boneng Nahashe, morena wa bana ba Ammone, a etla a hlometse, la re ho nna: Tjhe, e ka kgona re buswe ke morena; athe Jehova, Modimo wa lona, e ne e le yena morena wa lona.
Bonang jwale, morena eo ke yena motsamaisi wa lona, hobane nna ke hodile, ke hlooho e putswa, mme bara ba ka ke bao, le na le bona; haele nna, ke nnile ka le tsamaisa ke sa le motjha, ho fihlela tsatsi lena.
ba re ho yena: O ka bona, o se o hodile, mme bara ba hao ha ba tsamaye ka mehlala ya hao; jwale, re beele morena, a tle a re ahlolele, jwalokaha ho etswa ditjhabeng tsohle.