O tla bea ba bang balaodi ba dikete, le balaodi ba mashome a mahlano; ba bang ba tla mo lemela, ba mo kotulele; ba bang ba tla mo etsetsa dibetsa tsa ntwa, le mesebetsi ya makoloi a hae.
1 Samuele 8:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla nka baradi ba lona, hore ba bang ba lokise ditlolo, ba bang ba apehe dinama, ba bang ba apehe mahobe. BIBELE E tla nka baradi ba lona hore ba e etsetse sente e monko o monate, ba e phehele, ba e bakele bohobe. |
O tla bea ba bang balaodi ba dikete, le balaodi ba mashome a mahlano; ba bang ba tla mo lemela, ba mo kotulele; ba bang ba tla mo etsetsa dibetsa tsa ntwa, le mesebetsi ya makoloi a hae.
O tla nka le masimo a lona, le merara ya lona, le mehlwaare ya lona e metle, a e nee bahlanka ba hae.