1 Samuele 7:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng. BIBELE O ne a ye a kgutlele Rama, hobane ke moo a neng a ahile teng, mme a ahlolele Baiseraele hona teng. Hona moo a hahela Morena aletare. |
a haha aletare teng; mme motse oo a o rea Ele-Bethele, (Modimo wa Bethele), kahobane ke moo Modimo o nong o iponahatse ho yena, mohla a balehelang moholwane wa hae.
O se a fetile ka lekgalo; bosiu o bo hlola Geba; ba Rama ba tshohile, ba Gibea-Saule ba balehile.
O ne a dula tlasa sefate sa palema sa Debora, mahareng a Rama le Bethele, thabeng ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba nyolohela ho yena ho ya ahlolelwa teng.
Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.
Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.
Ba tsoha e sa le hosasa, ba kgumamela Jehova, mme ba kgutla, ba boela hae ha habo, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosadi wa hae, mme Jehova a mo hopola.
Setjhaba sohle sa ya Gilgale, ba boela ba bea Saule morena pela Jehova; ba hlaba mahlabelo a teboho pela Jehova, mme teng Saule le banna bohle ba Iseraele ba thaba haholo.
Ebile Elkana o boela Rama tlung ya hae; ngwana yena a sala a sebeletsa Jehova pela moprista Eli.
Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo.
Ba ba fetola, ba re: Se teng; bona, ke sona seo, se pela hao; phakisa hle, hobane kajeno se tlile motseng, hobane kajeno ho hlabelwa setjhaba nqalong e phahameng.