Tsatsing lona leo, Gade a tla ho Davida, a re ho yena: Eya, o hahele Jehova aletare seotlong sa Arauna Mojebuse.
1 Samuele 6:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Koloi ya fihla tshimong ya Joshua, motho wa Bethe-Shemeshe, ya ema teng, moo lefika le leholo le leng teng. Ebile ba ratha difate tsa koloi, ba etsetsa Jehova setjheso ka dikgomo. BIBELE Koloi ya fihla tshimong ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, ya emisa hona teng, pela lefika le leholo. Ba ratha dithupa tse entseng koloi, mme ka dikgomo tseo ba etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. |
Tsatsing lona leo, Gade a tla ho Davida, a re ho yena: Eya, o hahele Jehova aletare seotlong sa Arauna Mojebuse.
Arauna a re ho Davida: Morena, monga ka, a nke feela, mme a hlahisetse Jehova kahohle kamoo a ratang kateng. Bona, pholo ke tsena tsa setjheso; hape, mesebetsi ya ho pola le mesebetsi e meng ya dipholo e ka etsa patsi.
Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.
A kgutla, a nka pholo tsa joko e le nngwe, a di hlaba, mme ka mesebetsi ya dipholo a besa nama ya tsona, a abela setjhaba, sa eja. A ntoo tloha, a latela Elia, a mo sebeletsa.
Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.
Ka hosasane, setjhaba sa tsoha e sa le ka meso; ba haha aletare teng, ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho.
O hahele Jehova, Modimo wa hao, aletare hlorong ya seqhobo seno, ka mokgwa o tshwanelehang; o ntoo nka poho ya bobedi, o e etse setjheso ka sefate sa ashera eo o tla e rema.
Ebile moo ho fihlang Saule, a etswa naheng, a setse pholo tsa hae morao. Saule a re: Setjhaba se hlahetswe keng, haele moo se lla? Ba mo phetela ditaba tsa banna ba Jabeshe.
a re: Ntumelle hle, hobane baheso ba na le sehlabelo hae; ngwaneso o ntaeditse; ha ekaba ke bone mohau ho wena, o ntumelle, ke tle ke etele banabeso; ke ka baka leo a sa kang a tla tafoleng ya morena.
Haele ba Bethe-Shemeshe, ba be ba hela koro tsa bona sekgutlong; ha ba emisa mahlo, ba bona areka, mme ba thaba, ha ba e bona.
Haele ditweba tsa kgauta, tsa eba ka ka bongata ba metse yohle ya Bafilesta e buswang ke marena a mahlano, ha ho bolelwa metse e marako, le metsana e naheng, ho ya fihla lefikeng le leholo, moo ba kileng ba bea areka ya Jehova teng; le kajeno le sa le teng tshimong ya Joshua wa Bethe-Shemeshe.