ke Bene-Dekere, a beilwe Makatse, le Saalbime, le Bethe-Shemeshe, le Elone, le Bethe-Hanane.
1 Samuele 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele dikgomo, tsona tsa loka tsela ya Bethe-Shemeshe, tsa nna tsa ya ka mmila o le mong, di ntse di lla, di sa kgelohele ho le letona, leha e le ho le letshehadi, marena a Bafilesta a di setse morao, ho ya fihla moeding wa Bethe-Shemeshe. BIBELE Dikgomo tsa otloloha feela ka mmila, e leng mmila o yang Bete-Shemeshe. Tsa tsamaya ka mmila o le mong feela, di ntse di tsamaya di lla; tsa se ke tsa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. Dikgosi tsa Bafilesita tsa sala dikgomo tseo morao, ho ya fihla moeding wa naha ya Bete-Shemeshe. |
ke Bene-Dekere, a beilwe Makatse, le Saalbime, le Bethe-Shemeshe, le Elone, le Bethe-Hanane.
Empa eitse ha Faro a bona hobane ho kgaoditswe, a ithatafatsa pelo, a se ke a ba mamela, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
Bana ba Iseraele ba re ho yena: Re tla nyoloha ka mmila o phatlaletseng; ha nna le mehlape ya ka re ka nwa metsi a hao, ke tla a lefa; ha ho ho hong, haese hore ke fete ka maoto a ka.
Moedi hape o pota ho tloha Baala, nqa bophirimela, ho isa thabeng ya Seire, o fetele pele mothating wa thaba ya Jearime, e leng Kesalone, nqa leboya, mme o theosetse Bethe-Shemeshe, o ntoo feta ka Thimna.
Ba ntoo bea areka ya Jehova koloing, hammoho le kese le nang le ditweba tsa kgauta, le ditshwantsho tsa diso tsa bona.
Haele ba Bethe-Shemeshe, ba be ba hela koro tsa bona sekgutlong; ha ba emisa mahlo, ba bona areka, mme ba thaba, ha ba e bona.
Ha le bona hobane e ya Bethe-Shemeshe, ka tsela ya habo yona, etlaba ke yena ya re hlahiseditseng kotsi ena e kgolo; ha ho se jwalo, re tla tseba hobane hase letsoho la hae le re otlileng, empa e le taba e re hlahetseng feela.