1 Samuele 4:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile moo a reang ngwana lebitso la Ikabode (ya se nang letlotlo), ka ho re: Letlotlo le tlohile Iseraeleng; e le kahobane areka ya Modimo e hapilwe, le ka hobane matsalae le monna wa hae ba shwele. BIBELE Mosadi eo a rea ngwana eo lebitso la Ikabode, a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele,” hobane ho hapilwe areka ya Modimo, ho shwele matsalae le monna wa hae. |
wa lesa kganya ya wona ya iswa kgolehong, le bokgabane ba wona ba wela matsohong a dira;
A setjhaba se ka ba teng se hlobohang medimo ya sona? athe yona hase medimo! Empa setjhaba sa ka se hlile se hlobohile kganya ya sona ho rua lefeela.
Morena o kgurumeditse moradi wa Sione keng ka kgalefo? Kganya ya Iseraele o e dihile lehodimong, a e lahlela fatshe; tsatsing la kgalefo ya hae ha a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.
Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!
Akia, mora Akitube, ngwanabo Ikabode, mora Finease, mora Eli, e ne e le moprista wa Jehova, Silo, a apere efoda. Mme setjhaba se ne se sa tsebe hobane Jonathane o ile.
Seo e tla ba pontsho ho wena, ke se tla hlahela bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease: ba tla shwa ba babedi ka tsatsi le le leng.
Mohlang oo, ke tla hlahisetsa Eli tsohle tseo ke di buileng hodima ntlo ya hae, tsa ho qala le tsa ho qetella.