A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.
1 Samuele 4:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele ngwetsi ya hae, mosadi wa Finease, e ne e emere, e le makgatheng a ho beleha. Eitse ha a utlwa tse bolelwang tsa areka ya Modimo e hapilweng, le tsa ho shwa ha matsalae le ha monna wa hae, a inama, mme a itshihlolla, hobane o ne a hlahetswe ke bohloko ba pelehi. BIBELE Ngwetsi ya Eli, e leng mohatsa Finease, e ne e le moimana, a se a le lekgatheng la ho itshihlolla. Yare ha a utlwa ditaba tsa hore areka ya Modimo e hapilwe, le hore matsalae Eli le monna wa hae le bona ba shwele, a tshwarwa ke mahlaba a pelehi hanghang, mme a beleha. |
A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.
Yare ha pelehi ya hae e le thata, mmelehisi a re ho yena: Se tshohe, hobane o boetse o tlelwa ke mora.
ke tla etsa ntlo ena jwaloka Silo, le motse wona ke o etse ntho e tla rohakwa ke ditjhaba tsohle tsa lefatshe.
A re a sa bolela areka ya Modimo, Eli a wa setulong ka seetse, pela kgoro, a robeha molala, a ba a shwa, etswe e ne e le motho ya tsofetseng, ya boima; o ba a ahlotse Iseraele ka dilemo tse mashome a mane.
Ha a le makgatheng a ho shwa, basadi ba emeng ho yena ba re: Se tshabe, hobane o tswetse moshemane. A mpa a se ke a araba, leha e le ho mo ela hloko.