wa lesa kganya ya wona ya iswa kgolehong, le bokgabane ba wona ba wela matsohong a dira;
1 Samuele 4:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ya tlisitseng ditaba a araba, a re: Baiseraele ba balehile pela Bafilesta, le polao e bile kgolo hara setjhaba; le bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease, ba shwele, le areka ya Modimo e bile e hapilwe. BIBELE Selahlamarungwana sa araba, sa re: “Baiseraele ba balehile Bafilesita. Bahlabani ba entswe mofela; bara ba hao ba babedi, Hofeni le Finease, le bona ba shwele, mme areka ya Modimo e hapilwe.” |
wa lesa kganya ya wona ya iswa kgolehong, le bokgabane ba wona ba wela matsohong a dira;
Seo e tla ba pontsho ho wena, ke se tla hlahela bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease: ba tla shwa ba babedi ka tsatsi le le leng.
Jehova a re ho Samuele: Bona, ke se ke tla etsa Iseraeleng taba eo, e mong le e mong ya e utlwang, tsebe tsa hae tse pedi di tla duma.
Mohlang oo, ke tla hlahisetsa Eli tsohle tseo ke di buileng hodima ntlo ya hae, tsa ho qala le tsa ho qetella.
Ebile monna eo o re ho Eli: ke tswa ntweng, ke tswa baleha sereng kajeno. Yena a re: Taba ho hlahile efe, ngwana ka?
A re a sa bolela areka ya Modimo, Eli a wa setulong ka seetse, pela kgoro, a robeha molala, a ba a shwa, etswe e ne e le motho ya tsofetseng, ya boima; o ba a ahlotse Iseraele ka dilemo tse mashome a mane.