1 Samuele 4:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha a fihla, Eli o ba a dutse setulong pela tsela, a lebeletse; hobane pelo ya hae e be e thothomella areka ya Modimo. Monna eo a kena, a behela motse ditaba, mme motse wohle wa bokolla. BIBELE Ha a fihla, a bona Eli a dutse hodima setulo, kathoko ho tsela, a lebeletse, hobane o ne a tshwenyehile moyeng, ka baka la areka ya Modimo. Monna eo ha a kena motseng a beha ditaba, motse wohle wa lla sa mmokotsane. |
Ema tseleng, o lebele, moahi wa Aroere; botsa ya balehang le ya phonyohang, o re: Ho hlahileng?
Hobane Bakanana le bohle ba ahileng lefatsheng ba tla utlwa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rona lefatsheng. Mme ha ho ka ba jwalo, o tla etsang ka lebitso la hao le leholo?
Empa mohlomong, hobane ho jewe, ho nowe Silo, Anna a tloha, moprista Eli a dutse setulong pela monyako wa tabernakele ya Jehova.
Eli ha a utlwa modumo wa seboko, a re: Ke modumo wa lerata lang? Ebile monna o phakisa a tla, a behela Eli.
A re a sa bolela areka ya Modimo, Eli a wa setulong ka seetse, pela kgoro, a robeha molala, a ba a shwa, etswe e ne e le motho ya tsofetseng, ya boima; o ba a ahlotse Iseraele ka dilemo tse mashome a mane.