La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 30:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ebile Davida le setjhaba se ho yena ba lla, ba bokolla, ho fihlela ba ba ba fellwa ke matla a ho lla.

Ver Capítulo

BIBELE

Davida le banna bao a neng a ena le bona, ha ba bona hona, ba lla haholo, ho fihlela ba bile ba kgathala ke ho lla.

Ver Capítulo



1 Samuele 30:4
9 Referencias Cruzadas  

Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.


Yaba phutheho yohle e phahamisa mantswe, ya tlatsa lerata; setjhaba sa lla, bosiu ba ba ba esa.


Moshe a phetela bana ba Iseraele bohle ditaba tseo kaofela, mme setjhaba sa hlomoha haholo.


Lengeloi la Jehova la re le sa bolella bana bohle ba Iseraele taba tseo, setjhaba sa bokolla, sa lla.


Setjhaba sa ya Bethele; ba dula teng pela Modimo, ha ba ha eba mantsiboya, ba lla, ba bokolla ka pokollo e kgolo haholo.


Manqosa ao a tla Gibea, ho Saule, a bolella setjhaba taba tseo; mme setjhaba sohle sa phahamisa lentswe, sa lla.


Eitse ha Davida le banna ba hae ba fihla hae motseng, ba o fihlela o tjhesitswe, le basadi ba bona le bara ba bona le baradi ba bona ba isitswe kgolehong.


Ha a fihla, Eli o ba a dutse setulong pela tsela, a lebeletse; hobane pelo ya hae e be e thothomella areka ya Modimo. Monna eo a kena, a behela motse ditaba, mme motse wohle wa bokolla.