mme ka re: O tla fihla ho tlisa mona, ha o na ho fetela pele; boikgohomoso ba maqhubu a hao bo tla fella mona?
1 Samuele 30:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ne ba tshwere basadi ba teng, ba sa ka ba bolaya motho, leha e le e monyenyane, leha e le e moholo; ba ne ba ile le bona, ba itsamaetse ka tsela ya bona. BIBELE ba hapile basadi ba moo, empa ba sa bolaya motho, ebang ke e moholo kapa ke e monyenyane. Ba ne ba ba hapile, ba ile ka bona. |
mme ka re: O tla fihla ho tlisa mona, ha o na ho fetela pele; boikgohomoso ba maqhubu a hao bo tla fella mona?
Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.
Davida o ne a sa lese monna leha e le mosadi a phela, le ho ba tlisa Gathe, a re: Ba se ke ba ya bua ka rona, ba re: Re entswe jwalo ke Davida. Ya eba wona mokgwa wa hae wa tshiu tsohle tseo a di dutseng naheng ya Bafilesta.
Ba se ke ba haellwa ke letho le lenyenyane leha e le le leholo, leha e le bara ba bona, le baradi ba bona, leha e le phahlo le tsohle tse neng di hapilwe; Davida a boela a di fihlela kaofela.
Eitse ha Davida le banna ba hae ba fihla hae motseng, ba o fihlela o tjhesitswe, le basadi ba bona le bara ba bona le baradi ba bona ba isitswe kgolehong.