Le hojane ka etsa ke pata, haele mona ho se taba e ka patelwang morena, le wena o ka be o mpoletse.
1 Samuele 28:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mosadi a re ho yena: Bona, o a tseba kamoo Saule a entseng kateng, ha a timeditse baporofeta le dinohe fatsheng lena; ha ho le jwalo, o tjhehelang bophelo ba ka, hore ke timele? BIBELE Mosadi eo a re ho yena: “O tseba seo Saule a se entseng, le kamoo a lelekileng dinohe le mathuela kateng kahara naha ena. Ke ka lebaka lang ha o nketsetsa leraba, hore ke tle ke bolawe?” |
Le hojane ka etsa ke pata, haele mona ho se taba e ka patelwang morena, le wena o ka be o mpoletse.
Eitse hobane morena wa Iseraele a bale lengolo leo, a hahola diaparo tsa hae, a re: Na ke nna Modimo, nka tsebang ho bolaya le ho pholosa, ha eo a rometse ho nna hore ke fodise motho lepera la hae na? Le tsebe kahoo, mme le bone hobane o batla lebaka la phapang le nna.
Le se ke la kgelohela ho ba bitsang bafu, leha e le ho dinohe; le se ke la botsa ditaba ho bona, le tle le se ke la itshela ditshila ka bona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
Saule a mo hlapanyetsa ka Jehova, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho kotsi e tla o hlahela bakeng sa taba ena.
Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo.