Tshiung tseo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona, ho ya futuha le ho lwana le Baiseraele. Akishe a re ho Davida: O tsebisise hobane o tla futuha le nna makgotleng a ka, wena le banna ba hao.
Matsatsing wona ao, Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona ho futuhela Baiseraele. Yaba Akishe o re ho Davida: “O hlo tsebe hantle hore wena le bahlabani ba hao le tla ya le nna ntweng.”
Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.
Mohlang oo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona ho futuha, mme ba phuthehela Soko wa Juda, ba tla, ba emisa mahareng a Soko le Aseka, pela Efese-Dammime.
Bafilesta ha ba utlwa hore bana ba Iseraele ba phuthehile Mitspe, marena a Bafilesta a tswa, a futuhela Iseraele. Bana ba Iseraele ha ba utlwa hoo, ba tshaba Bafilesta.