Molomo wa nnete o tla tiya ka ho sa feleng; empa leleme le bohata ke la motsotso o kang ha ke panya.
1 Samuele 27:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida o ne a sa lese monna leha e le mosadi a phela, le ho ba tlisa Gathe, a re: Ba se ke ba ya bua ka rona, ba re: Re entswe jwalo ke Davida. Ya eba wona mokgwa wa hae wa tshiu tsohle tseo a di dutseng naheng ya Bafilesta. BIBELE Davida o ne a sa ke be a tle Gate le monna kapa mosadi ya ntseng a phela, hobane o ne a ye a re: “Ba ka tshoha ba bolela hore Davida o entse tjena le tjena.” Ena ya eba tlwaelo ya hae ka nako yohle ha a ntse a phela naheng ya Bafilesita. |
Molomo wa nnete o tla tiya ka ho sa feleng; empa leleme le bohata ke la motsotso o kang ha ke panya.
Davida a re ho Abiathare: Ke tsebile mohlang oo ha ke bona Moedomo Doege a le teng, hobane o tla bolella Saule; ke nna eo bohle ba ntlo ya ntatao ba timeditsweng ka baka la hae.
Akishe a botsa, a re: Le be le futuhetse kae kajeno? Davida a re: Re tswa futihela nqa borwa ho Juda, le nqa borwa ho Bajerahemeele, le nqa borwa ho Bakene.
Akishe yena a tshepa Davida, a re: Ruri, o ikentse ya nkgang hampe ho setjhaba sa habo sa Baiseraele; e tla nne e be mohlanka wa ka kamehla.
Ba ne ba tshwere basadi ba teng, ba sa ka ba bolaya motho, leha e le e monyenyane, leha e le e moholo; ba ne ba ile le bona, ba itsamaetse ka tsela ya bona.