A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.
1 Samuele 26:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Saule a re ho Davida: Ho bokwe wena, mora ka Davida; leha o ka etsa seo o se etsang, le ho se phetha o tla se phetha. Ebile Davida o ikela ka tsela ya hae, Saule yena a kgutlela hae. BIBELE Yaba Saule o re ho Davida: “Davida, mora wa ka, o ke o hlohonolofale! Ke hona o sa tla etsa dikgolo, mme o tla atleha.” Davida a ikela ka tsela ya hae, le Saule a kgutlela ha hae. |
A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.
leha a bua ka mosa, o se ke wa kgolwa ke yena, hobane manyala a supileng a ka pelong ho yena.
Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.
A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.
Ke mang ya tla re arohanya le lerato la Kreste na? Na a ke botubo, kapa tsietsi, kapa hloriso, kapa tlala, kapa bofuma, kapa timelo, kapa lerumo,
Athe ha motho a fumana sera sa hae, a ke ke a se dumella sa ya se iketlile. Jehova a o etse hantle bakeng sa seo o nkentseng sona kajeno.
Bona jwalo, ke a tseba hobane o tla ba morena ruri, le mmuso wa Iseraele o tla tiya matsohong a hao.
Ebile Davida o hlapanyetsa Saule, Saule a ntoo kgutlela hae, Davida yena le banna ba hae ba boela diqhobong.