Eitse ha a se a ya kena Egepeta, a re ho Sarai, mosadi wa hae: Bona hle, ke a tseba hoba o mosadi e motle ho tadingweng;
1 Samuele 25:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bitso la monna eo e ne e le Nabale, bitso la mosadi wa hae e le Abigaile; e ne e le mosadi ya kelello e edileng, ya sebopeho se setle; monna wa hae yena o ne a le thata, a le mobe metsamaong ya hae; e ne e le wa mofuta wa Kalebe. BIBELE Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe. |
Eitse ha a se a ya kena Egepeta, a re ho Sarai, mosadi wa hae: Bona hle, ke a tseba hoba o mosadi e motle ho tadingweng;
hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.
Mosadi ya bohlale o haha ntlo ya hae; empa ya se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae.
Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone.
Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.
Monghadi wa ka a se ke a tsotella motho eo ya bohale, Nabale; hobane o ka lebitso la hae; lebitso le hae ke Nabale (lewatla); mme bowatla bo ho yena. Haele nna, ke le lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monghadi wa ka a kileng a ba roma.
Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.