Davida a re ho yena: Ha o a ka wa tshaba keng ho isa letsoho la hao ho timetsa motlotsuwa wa Jehova?
1 Samuele 24:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho banna ba hae: Jehova a nkganele, ke se ke ka etsa taba e jwalo ho monga ka, motlotsuwa wa Jehova, ka isa letsoho la ka ho yena, etswe e le motlotsuwa wa Jehova. BIBELE Davida a re ho banna ba hae: “Morena a mpe a ntshware letsoho, ke se ke ka etsa ntho ena ho monga ka, motlotsuwa wa Morena. Ke se ke ka ba ka mo isa letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena.” |
Davida a re ho yena: Ha o a ka wa tshaba keng ho isa letsoho la hao ho timetsa motlotsuwa wa Jehova?
Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.
Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang;
Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.
Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.
Davida a hanela banna ba hae ka taba eo, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Ebile Saule o tsoha fatshe, a tswa lehaheng, a ikela ka tsela ya hae.