O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.
1 Samuele 24:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kamorao, pelo ya Davida ya hlabeha ka baka la hobane a sehile moleka wa kobo ya Saule. BIBELE Kamorao ho mona letswalo la Davida la mo ja, hobane a ne a sehile qola ya seaparo sa Saule. |
O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.
Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.
kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.
O se ke wa ba bolaya, esere mohlomong setjhaba sa ka sa lebala! ... O ba qhalanye ka matla a hao, o ba dihele, wena, Morena, thebe ya rona!
Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.