Juda a di tseba, mme a re: O lokile ho fetisa nna, hobane ha ke a ka ka mo nea Shela, moraka. Yaba ha a sa pheta ho ya ho yena.
1 Samuele 24:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) O bonahiditse kajeno kamoo o nkgauhetseng kateng; kahobane Jehova o ba a nneetse matsohong a hao, mme ha o a ka wa mpolaya. BIBELE Kajeno lena o mpontshitse kamoo o nketseng hantle kateng, hobane leha Morena a ne a neelane ka nna matsohong a hao, wena ha o a ka wa mpolaya. |
Juda a di tseba, mme a re: O lokile ho fetisa nna, hobane ha ke a ka ka mo nea Shela, moraka. Yaba ha a sa pheta ho ya ho yena.
mme ha o a ka wa nneela matsohong a bao e leng dira ho nna, empa wa phetlela maoto a ka sebaka se phatlaletseng.
sera a se ke se phallele moya wa ka, se ntshware, se setlakelle bophelo ba ka fatshe, se hulanye kganya ya ka leroleng. (Sela.)
e tla ba mashala a hlenneng ao o a bokellang hloohong ya sona, mme Jehova o tla o putsa.
Davida a eketsa, a re: Hleka beng ba Keila ba tla re neela, nna le batho ba ka, matsohong a Saule na? Jehova a re: Ba tla le neela.
Saule ha a tsebiswa hobane Davida o ile Keila, Saule a re: Modimo o mo lahletse matsohong a ka, hobane o thibelletswe ha a kene motseng o nang le mamati le mekwallo.
Bona, kajeno lena mahlo a hao a bone kamoo Jehova a neng a o neetse matsohong a ka kateng, re le lehaheng; ba bang ba itse, ke o bolaye; ka mpa ka o qenehela, ka re: Nke ke ka isa letsoho la ka ho monga ka, hobane ke motlotsuwa wa Jehova.
Athe ha motho a fumana sera sa hae, a ke ke a se dumella sa ya se iketlile. Jehova a o etse hantle bakeng sa seo o nkentseng sona kajeno.
Jehova a ke a putse e mong le e mong ka toka ya hae le ka bokgabane ba hae, kamoo ke hanneng ho isa letsoho la ka ho motlotsuwa wa Jehova kateng, leha Jehova a ne a o neile matsohong a ka kajeno.
Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.