Yaba Sarai o re ho Abrame: Nyediso ya ka e wela hodimo hao! Ke neetse lekgabunyane la ka sefubeng sa hao, mme ke mona, ha le bona hoba le emotse, nna ke nyediseha mahlong a lona. Jehova a ahlole mahareng a ka le wena!
1 Samuele 24:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane Davida a qetelle ho bua taba tseo ho Saule, Saule a re: Na ke lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Saule a ntoo phahamisa lentswe la hae, a lla. BIBELE Hoba Davida a bue mantswe ana ho Saule, yaba Saule o re: “Davida, mora wa ka, na ke wena ya buang?” Saule a lla haholo. |
Yaba Sarai o re ho Abrame: Nyediso ya ka e wela hodimo hao! Ke neetse lekgabunyane la ka sefubeng sa hao, mme ke mona, ha le bona hoba le emotse, nna ke nyediseha mahlong a lona. Jehova a ahlole mahareng a ka le wena!
Modimo wa phetha ka letsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; mme ka tsatsi la bosupa wa phomola mosebetsing wohle oo o o entseng.
Esau a titima ho mo kgahlanyetsa, a mo phothoma a wela molaleng wa hae, a mo aka; mme a lla.
Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.
Polelo e builweng ka motsotso o tshwanelehang, e jwaloka diapole tsa kgauta pitsaneng ya silefera.
hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.
Haele nna, ha ke na molato ho wena; ke wena ya nketsang hampe ka ho ntwantsha. Jehova ha e ke e be yena moahlodi ya ahlolang mahareng a bana ba Iseraele le bana ba Ammone kajeno!
Ebile Saule o tseba lentswe la Davida, a re: Na hase lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Davida a re: Ke lentswe la ka, morena, monga ka.
Bona, jwalokaha bophelo ba hao e bile ntho e kgolo mahlong a ka kajeno lena, bophelo ba ka bo be boholo jwalo mahlong a Jehova, mme a nnamolele ditsietsing tsohle.