1 Samuele 24:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bona, kajeno lena mahlo a hao a bone kamoo Jehova a neng a o neetse matsohong a ka kateng, re le lehaheng; ba bang ba itse, ke o bolaye; ka mpa ka o qenehela, ka re: Nke ke ka isa letsoho la ka ho monga ka, hobane ke motlotsuwa wa Jehova. BIBELE Kajeno lena o bone kamoo Morena a neng a neelane ka wena matsohong a ka kateng, ha o le ka lehaheng. Ba bang ba ne ba re ke o bolaye, empa ke ile ka o hauhela, ka re: ‘Nke ke ka isa monga ka letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena.’ |
Hobane lere la bolotsana le ke ke la dula kabelong ya ba lokileng, esere mohlomong ba lokileng ba otlollela bokgopo matsoho a bona.
ha ke lefetse ka bobe ya neng a phela le nna ka kgotso, ha ke hlobodisitse ya ntlhoileng feela,
Ha a na a sa mo lalle, Modimo o mpa o mo dihile ka letsoho la eo, ke tla o kgethela moo a ka balehelang teng.
Ha hao, ho na le batho ba etselletsang, hore ho tle ho tshollwe madi; ha hao, ho jelwa dithabeng; ha hao, ho etswa bohlola.
O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.
Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.
Davida a re ho Saule: O mamellang mantswe a batho ba reng: Bona, Davida o batla ho o ntsha kotsi?