Yaba morena o tsebisa moprista Abiathare, a re: Ikele Anathothe, masimong a hao, hobane o lokelwa ke ho shwa; empa kajeno, nke ke ka o bolaya, kahobane o kile wa jara areka ya Morena Jehova pela ntate Davida, le hobane o kile wa tubeha kahohle kamoo le ntate a ileng a tubeha kateng.
Akia, mora Akitube, ngwanabo Ikabode, mora Finease, mora Eli, e ne e le moprista wa Jehova, Silo, a apere efoda. Mme setjhaba se ne se sa tsebe hobane Jonathane o ile.
Jwale, Davida le banna ba hae ba ya Keila, ba lwana le Bafilesta, ba hapa kgomo tsa bona, mme ba ba bolaya ka polao e kgolo. Davida a namolela ba ahileng Keila jwalo.
Saule ha a tsebiswa hobane Davida o ile Keila, Saule a re: Modimo o mo lahletse matsohong a ka, hobane o thibelletswe ha a kene motseng o nang le mamati le mekwallo.