1 Samuele 23:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Davida le banna ba hae ba ya Keila, ba lwana le Bafilesta, ba hapa kgomo tsa bona, mme ba ba bolaya ka polao e kgolo. Davida a namolela ba ahileng Keila jwalo. BIBELE Yaba Davida o ya Keila a ena le banna ba hae. A lwantsha Bafilesita, a hapa dikgomo tsa bona, mme a ba etsa mofela. Davida a namolela baahi ba Keila ka mokgwa ona. |
Ntwa ya boela ya tsoha; Davida a futuha, a lwana le Bafilesta, a ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba ba baleha pela hae.
Davida a eketsa hape, a botsa Jehova; Jehova a mo arabela, a re: Tloha, o theohele Keila, hobane ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.
Mohla Abiathare, mora Akimeleke, a balehelang ho Davida, o ne a tlile Keila, a ena le efoda.