1 Samuele 23:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a eketsa, a re: Hleka beng ba Keila ba tla re neela, nna le batho ba ka, matsohong a Saule na? Jehova a re: Ba tla le neela. BIBELE Yaba Davida o re: “Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna, le ka banna ba ka, matsohong a Saule?” Morena a re: “Ba tla neelana ka wena.” |
O nkutlwise lentswe la mohau wa hao e sa le kameso, hobane ke itshepetse wena. O ntshupise tsela eo ke tshwanetseng ho ya ka yona, hobane ke nyolosetsa moya wa ka ho wena.
mme ha o a ka wa nneela matsohong a bao e leng dira ho nna, empa wa phetlela maoto a ka sebaka se phatlaletseng.
Moya wa ka, ke ho Modimo feela o ka bonang phomolo; hobane poloko ya ka e tswa ho wona.
Ho madimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ya bona, ba etsang mesebetsi ya bona lefifing, ba reng: Ya re bonang ke mang? Ya re lemohileng ke mang?
Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.
Banna ba Juda ba tla, ba re: Le re futuheletseng na? Ba re: Re tlile ho tlama Samsone, re tle re etse ka yena jwalokaha a entse ka rona.
Hleka beng ba Keila ba tla nneela matsohong a hae na? Na le Saule o tla theohela kwano, jwalokaha mohlanka wa hao a utlwile na? Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, o ke o tsebise mohlanka wa hao hle. Jehova a re: O tla tla.
Jwale, morena, tloo kamoo o hopotseng kateng, e be rona re mo neelang matsohong a morena.
Saule ha a tsebiswa hobane Davida o ile Keila, Saule a re: Modimo o mo lahletse matsohong a ka, hobane o thibelletswe ha a kene motseng o nang le mamati le mekwallo.