Abrahama a hloma difate Beerseba, mme a rapela teng lebitso la Jehova, Modimo wa kamehla yohle.
1 Samuele 22:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Saule a utlwa hobane Davida o utlwahetse le banna bao a nang le bona; ke ha Saule a le Gibea, tlasa sefate sa tamariske, leralleng, a tshwere lerumo la hae, bahlanka bohle ba hae ba eme pela hae. BIBELE Saule a utlwela hore Davida le banna ba tsamayang le yena ba fumanwe. Saule o ne a le Gibea, a dutse leralleng, tlasa sefate sa tamarisika. Letsohong o ne a tshwere lerumo. Bahlanka ba hae bohle ba ne ba eme, ba mo potapotile. |
Abrahama a hloma difate Beerseba, mme a rapela teng lebitso la Jehova, Modimo wa kamehla yohle.
O ne a dula tlasa sefate sa palema sa Debora, mahareng a Rama le Bethele, thabeng ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba nyolohela ho yena ho ya ahlolelwa teng.
Haele Saule, o ne a ntse a dutse pheletsong ya Gibea, tlasa sefate sa garanata, se leng Migrone, setjhaba se dutseng ho yena e batla e le batho ba makgolo a tsheletseng.
Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.
Moya o mobe o tswang ho Jehova wa tlela Saule, a le hae ka tlung, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa ka letsoho la hae.
Ebile Saule o mmetsa ka lerumo ho mo hlaba. Jonathane a tseba kahoo hobane ntatae o rerile ruri ho bolaya Davida.
Ba nka masapo a bona, ba a epela tlasa sefate sa tamariske Jabeshe, ba ba ba itima dijo ka matsatsi a supileng.