Empa ba mo rera, mme ba mo tlepetsa ka majwe lebaleng la ntlo ya Jehova, ka taelo ya morena.
1 Samuele 22:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile morena o re ho Doege: Ema wena, o bolaye baprista. Yaba Moedomo Doege o tsoha, a bolaya baprista, a timetsa ka lona tsatsi leo batho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano, ba apereng efoda ya lene. BIBELE Yaba kgosi ya bona e re ho Doege: “Tloo, o bolaye baprista bana.” Doege wa Moedomo a tla, a bolaya baprista bao. Ka letsatsi leo a bolaya banna ba mashome a robedi a metso e mehlano ba neng ba apere ditipe tse entsweng ka masela a lene. |
Empa ba mo rera, mme ba mo tlepetsa ka majwe lebaleng la ntlo ya Jehova, ka taelo ya morena.
O tla etsetsa bara ba Aarone dikojwana, o ba etsetse le dinyepa le dikatiba tsa kganya le kgabiso;
Moetsadibe, o se ke wa tjhekela ntlo ya ya lokileng mamena, o se ke wa senya moo a phomolang teng.
Efraime o a imelwa, o tlepenngwa ke kahlolo, hobane o ithatetse ho ya ka taelo eo a iketseditseng yona;
Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.
Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;
ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?
Haele ya tla sala wa ntlo ya hao, o tla tla, a mo kgumamelle tjhelete le sengwatho sa bohobe, a re: Ako mpee ho o mong wa mesebetsi ya boprista, ke nne ke je sengwathwana sa bohobe.