1 Samuele 22:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Saule a re: Utlwa jwale, wena, mora Akitube! Akimeleke a re: Ke nna enwa, monga ka! BIBELE Saule a re ho Ahimeleke: “Mamela jwale, wena mora wa Ahitube.” Ahimeleke a re: “Ke nna enwa, monga ka.” |
Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!
Ke batlwa ke ba neng ba sa botse taba tsa ka, ke fumanwa ke ba neng ba sa mpatle; ka re ho setjhaba se neng se sa ipitse ka lebitso la ka: Ke nna enwa, ke nna enwa!
Ebile morena o romela ho bitsa Akimeleke, mora Akitube, moprista, le bohle ba ntlo ya ntatae, e leng baprista ba leng Nobe. Ba tla kaofela ha bona ho morena.
Saule a re ho yena: Le dumellane keng le mora Jese ho nkwenehela, kamoo o mo neileng bohobe le sabole kateng, wa ba wa mmotsetsa Modimo, e le hore a tlohe, a tle a ntalle, jwalokaha ho le jwale?
Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pela hae: Oho, Babenjamine, utlwang hle! Ana le re, mora Jese o tla le nea bohle masimo le merara, kapa a le bee bohle balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo,