1 Samuele 21:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moprista a araba Davida, a re: Ha ke na bohobe feela; bo leng teng ke bohobe bo kgethehileng, ha ekaba bahlankana ba ipolokile basading. BIBELE Moprista a araba Davida, a re: “Ha ke na bohobe bo ka jewang, haese bohobe bo halalelang feela. Ebe bahlanka ba hao ha ba a robala le basadi?” |
Ekare ha mosadi a kopana jwalo le monna, ba tla itlhatswa metsing ba babedi, ba be sesila ho isa mantsiboya.
ho botsa baprista ba ntlo ya Jehova wa makgotla le baporofeta, ho re: A ke sa tla lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha ke entse ka lemo tseo tse kalo na?
Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nako e itseng, le tle le ineele ho itima dijo le ho rapela; hamorao, le ke le boelane hammoho, Satane a tle a se ke a le leka ka takatso ya lona.
Keng eo o nang le yona matsohong a hao? Mphe dipolokwe tse hlano, leha e le ho hong ho ka fumanwang.
Yaba moprista o mo fa bohobe bo kgethehileng, etswe ho ne ho se bohobe teng, haese bohobe ba pontsha bo tlositsweng pela Jehova, hore ho bewe bohobe bo futhumetseng ha bo bong bo tloswa.