Ha batho ba motse ba mmotsa hodima mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka, hobane o ne a tshaba ho re: Ke mosadi wa ka, e tle e se ke ya re mohlomong batho ba motse ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane a ne a le motle ho tadingweng.
1 Samuele 21:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a nahana taba tseo pelong ya hae, a tshaba Akishe, morena wa Gathe, haholo. BIBELE Davida a boloka mantswe ana ka pelong ya hae, a tshaba Akishe, kgosi ya Gate haholo. |
Ha batho ba motse ba mmotsa hodima mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka, hobane o ne a tshaba ho re: Ke mosadi wa ka, e tle e se ke ya re mohlomong batho ba motse ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane a ne a le motle ho tadingweng.
Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.
Basadi bao ha ba letsa, ba dumelana, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile mashome a dikete tsa hae.
Davida a ntoo tloha, a baleha mohlang oo ke ho tshaba Saule, a tla ho Akishe, morena wa Gathe.
Ha ho le jwalo, a ikgakanya pontsheng ya bona, a iketsa lehlanya hara bona, a ngola mamating a monyako, a dutlisa dinqhenqhe, tsa dutlela tedung tsa hae.