Elia, ha a bona ho le jwalo, a tloha, a ikela ho ipholosa, a ya Beerseba wa Juda, mme a siya mohlanka wa hae teng.
1 Samuele 21:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a ntoo tloha, a baleha mohlang oo ke ho tshaba Saule, a tla ho Akishe, morena wa Gathe. BIBELE Ka lona letsatsi leo Davida a ema a baleha ka baka la ho tshaba Saule, a ba a ya fihla ho Akishe, kgosi ya Gate. |
Elia, ha a bona ho le jwalo, a tloha, a ikela ho ipholosa, a ya Beerseba wa Juda, mme a siya mohlanka wa hae teng.
Oho Modimo, o nkgauhele, hobane batho ba mpefeletswe, ba ntwantsha tsatsi lohle, ba ntuba;
Morena Jojakime le matona wohle a hae le baholo kaofela, ha ba utlwa dipolelo tsa hae, morena a batla ho mmolaya; empa Uria a utlwa, a tshaba, a baleha, a ya Egepeta.
Saule le banna ba Iseraele le bona ba phutheha, ba tla, ba emisa pela sekgutlo sa Ela, mme ba hlopholla makgotla ho ya kgahlanyetsa Bafilesta.
Ebile Davida o titima, a ema ho Mofilesta; a nka sabole ya hae, a e pshemola selateng sa yona, a mmolaya, a mo kgaola hlooho ka yona. Bafilesta bohle ha ba bona hobane senatla sa bona se shwele, ba baleha.
Akimeleke o mmotseditse Jehova, a mo nea le mofaho, a mo nea le sabole ya Mofilesta Goliathe.