Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?
1 Samuele 20:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ntatao a ntlhoka, e re: Davida o nkopile haholo, hore a titimele Bethlehema, motseng wa habo, hobane ke nako ya sehlabelo sa lemo se seng le se seng, se hlabelwang moloko wa habo kaofela. BIBELE Ha ntatao a bona ke le siyo, o tle o re ho yena: ‘Davida o ile a nqophella hore ke mo dumelle a potlakele motseng wa habo wa Betlelehema, hobane hona teng lelapa labo lohle le tla etsa sehlabelo se etswang ka selemo le selemo.’ |
Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?
Le mpe le batle bodulo ba hae nqalong eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha hara meloko ya lona yohle ho bea lebitso la hae teng, mme o ye teng.
Saule a re ho Yena: Mohlankana, o mora mang? Davida a re: Ke mora mohlanka wa hao Jese, wa Bethlehema.
Ba ba fetola, ba re: Se teng; bona, ke sona seo, se pela hao; phakisa hle, hobane kajeno se tlile motseng, hobane kajeno ho hlabelwa setjhaba nqalong e phahameng.