Monna eo, e leng yena morena wa naha, o buile le rona kathata, a re, re tlile ho hlwela naha;
1 Samuele 20:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a re ho Jonathane: Ke mang ya tla ntsebisa, ha ntatao a ka o fetola ka thata na? BIBELE Davida a botsa Jonathane, a re: “Ke mang ya tla ntsebisa haeba ntatao a o arabile hampe?” |
Monna eo, e leng yena morena wa naha, o buile le rona kathata, a re, re tlile ho hlwela naha;
Josefa a bona banababo, a ba tseba, empa a iketsa motho ya sa ba tsebeng; a bua le bona ka matla, a re ho bona: Le tswa kae? Ba re: Re tswa naheng ya Kanana; re tlile ho reka dijo.
Morena a fetola setjhaba ka thata, a lesa keletso eo banna ba baholo ba neng ba mo eleditse ka yona.
Jonathane a re: Tjhe, ho ke ke ha eba jwalo. Leha nka tsebisisa bobe bo hopoletsweng wena ke ntate, ha ke re, ke ne ke tla o tsebisa na?
Nabale a mpa a fetola bahlanka ba Davida, a re: Davida ke mang? Mora Jese ke mang na? Mehleng ena ya kajeno ho na le bahlanka ba bangata ba thobang e mong le e mong ho monga hae.
Empa e mong wa bahlanka ba Nabale a tsebisa Abigaile, mohatsa Nabale, a re: Bona, Davida o ne a romile manqosa, a le feelleng, ho tla dumedisa mong a rona, o mpa a ba omantse.
Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.