Salomone a leleka Abiathare jwalo, hore e se hlole e eba moprista wa Jehova; ya eba moo ho phethahalang taba eo Jehova a neng a e boletse bakeng sa ntlo ya Eli, Silo.
1 Samuele 2:36 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele ya tla sala wa ntlo ya hao, o tla tla, a mo kgumamelle tjhelete le sengwatho sa bohobe, a re: Ako mpee ho o mong wa mesebetsi ya boprista, ke nne ke je sengwathwana sa bohobe. BIBELE E mong le e mong wa lelapa la hao ya tla sala, o tla kgumama kapele ho yena, a kope tjheletana kapa sengwathwana sa bohobe, a re: “Ke a o rapela: Ako nkgethe ke be e mong wa baprista, ke tle ke fumane thathana ya bohobe, ke je.” ’ ” |
Salomone a leleka Abiathare jwalo, hore e se hlole e eba moprista wa Jehova; ya eba moo ho phethahalang taba eo Jehova a neng a e boletse bakeng sa ntlo ya Eli, Silo.
Empa baprista ba dinqalo tse diphahameng ha ba ka ba hlaba aletareng ya Jehova Jerusalema, empa ba ne ba eja mahobe a se nang ditomoso hara banababo bona.
Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.
Mika a re ho yena: Dula le nna, o be ntate le moprista wa ka; nna, ke tla o nea dishekele tse leshome ka selemo se seng le se seng, le diaparo tsa hao le dijo tsa hao.
Ke tla ipatlela moprista wa nnete, ya tla etsa kahohle kamoo ho ratang pelo ya ka le moya wa ka kateng; ke tla mo hahela ntlo e tiileng, mme o tla nne a itsamaele pela motlotsuwa wa ka, ka ho sa feleng.
Haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova pontsheng ho Eli. Mehleng eo, lentswe la Jehova le be le hlokeha, mme dipono di ne di sa ata.