La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 2:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Mme o tla bona sera tlung ya ka, ha bana ba Iseraele ba ntse ba newa ke Modimo melemo yohle, mme ha ho ka ke ha eba monna wa leqheku tlung ya hao, le ka ho sa feleng.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka leahong la ka o tla bona moprista e motjha, e moholo; o bone le tsohle tse molemo, tseo a tla di etsetsa Iseraele, empa ho ke ke ha hlola ho eba le leqheku lapeng la hao kamehla yohle.

Ver Capítulo



1 Samuele 2:32
7 Referencias Cruzadas  

Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ho sa tla ba banna ba baholo le basadi ba baholo ba dulang mapatlelong a Jerusalema, ba tshwereng e mong le e mong lere la hae ka letsohong la hae, ka baka la bongata ba ditshiu tsa bona;


Monna wa ba heno eo ke sa mo kgaolang aletareng ya ka, o tla salla ho llisa mahlo a hao, le ho hlomola pelo ya hao, mme bohle ba hlahang tlung ya hao, ba tla timela botjheng ba bona.


Le areka ya Modimo ya hapuwa, mme bara ba babedi ba Eli, hofni le Finease, ba bolawa.


A rialo, a re: Letlotlo le tlohile Iseraeleng, hobane areka ya Modimo e hapilwe.


Ebile setjhaba se romela Silo, ho ya lata teng areka ya selekane sa Jehova wa makgotla ya dutseng hara dikerubime; bara ba babedi ba Eli, Hofni le Finease, ba ne ba le teng le areka ya selekane sa Modimo.