Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.
1 Samuele 2:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho Eli, a re ho yena: Jehova o re: Ha ke re, nkile ka itshenolela ba ntlo ya ntatao, ha ba sa le Egepeta, ha Faro; BIBELE Moporofeta wa Modimo a tla ho Eli, mme a re ho yena: “Morena o bua tjena: ‘Na ha ke a ka ka iponahatsa lapeng leno, ha bo-ntatao ba sa le Egepeta, le le makgoba tlung ya Faro? |
Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.
Salomone a leleka Abiathare jwalo, hore e se hlole e eba moprista wa Jehova; ya eba moo ho phethahalang taba eo Jehova a neng a e boletse bakeng sa ntlo ya Eli, Silo.
Jehova a re ho Moshe le ho Aarone: Taelo ya Paseka ke ena: Ha ho motho wa moditjhaba ya tlang ho e ja.
Jehova o ne a itse ho Aarone: Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lefeelleng. O na be a ile, a mo fumana thabeng ya Modimo, a mo aka.
Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.
Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa.
Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.
Yaba mosadi o ya, a bolella monna wa hae, a re: Ho tlile ho nna monna wa Modimo, sebopeho sa hae e ne e le se kang sebopeho sa lengeloi la Modimo ka ho tshabeha; ha ke a ka ka mmotsa moo a tswang teng, le lebitso la hae ha a ka a mpolella lona.
Jehova a romela bana ba Iseraele monna wa moporofeta, a tla, a re ho bona: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke le nyolotse Egepeta, ka le ntsha tlung ya bohlanka;
Mohlang oo, ke tla hlahisetsa Eli tsohle tseo ke di buileng hodima ntlo ya hae, tsa ho qala le tsa ho qetella.
Ebile o ya le thaba ya Efraime, a ntoo ya le naha ya Shalisha, ba mpa ba se ke ba di fumana; ba ntoo ya le naha ya Shaalime; le teng tsa eba siyo; hape ba ya le naha ya Benjamine, ba se ke ba di bona.
Eo a mpa a re ho Saule: Bona hle, monna wa Modimo o teng motseng wane; ke monna ya hlomphuwang; tsohle tseo a di buang di ye di etsahale; a re ye teng jwale; ekaba o tla re bolella tsela ya rona eo re ka tsamayang ka yona.