Mahlong a hae motho ya nyatsehang ke ya kgopo, empa o hlonepha batho ba tshabang Jehova. Leha a hlapantse, a ke ke a kweneha, leha e ka ba tshenyehelo ho yena;
1 Samuele 19:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Saule a mamela lentswe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha a ka ke a bolawa. BIBELE Saule a mamela keletso ya Jonathane, mme a hlapanya, a re: “Ka Morena ya phelang, Davida ha a ka ke a bolawa.” |
Mahlong a hae motho ya nyatsehang ke ya kgopo, empa o hlonepha batho ba tshabang Jehova. Leha a hlapantse, a ke ke a kweneha, leha e ka ba tshenyehelo ho yena;
hobane, ka Jehova ya phelang, ya namoletseng Iseraele, leha bo ka ba ho mora ka Jonathane, o tla shwela ruri. Mme ho se ke ha eba le a mong wa setjhaba ya mo fetolang.
O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?
Ebile Jonathane o bitsa Davida, mme Jonathane a mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a ntoo tlisa Davida, pela Saule, mme a tla, a dula pela hae jwaloka pele.
Saule a mo hlapanyetsa ka Jehova, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho kotsi e tla o hlahela bakeng sa taba ena.