Davida a re: Ke teng, ke tla hlaba selekane le wena; ke mpa ke batla taba e le nngwe feela ho wena, ke re, o ke ke wa bona sefahleho sa ka, haese ha o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, ebe mohla o tla tla mpona.
1 Samuele 19:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Saule o romela manqosa tlung ya Davida, ho mo lalla, le ho mmolaya ka meso; empa mosadi wa hae, Mikale, a tsebisa Davida, a re: Ha o sa balehe bosiu, ka meso o tla bolawa. BIBELE Ka bona bosiu boo Saule a romela maqosa ho ya lalla Davida tlung ya hae, e le hore a tle a mmolaye ka la hosasane. Empa Mikale, mohatsa Davida, a mo tsebisa taba ena, a re: “Haeba o ke ke wa baleha bosiung bona, hosasane o tla bolawa.” |
Davida a re: Ke teng, ke tla hlaba selekane le wena; ke mpa ke batla taba e le nngwe feela ho wena, ke re, o ke ke wa bona sefahleho sa ka, haese ha o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, ebe mohla o tla tla mpona.
Ba Gasa ba utlwa ho thwe: Samsone o tlile kwano. Yaba ba mo teela hare, ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse; ba kgutsa bosiu bohle, ba re: Hosasane, ha bo esa, re tla mmolaya.
Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.
Hobane, mora Jese ha a ntse a phela lefatsheng, ho ke ke ha tiya wena, leha e le borena ba hao. Romela jwale ho ya ntshwarela yena; hobane o lokelwa ke ho shwa.