Moya wa rona o phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la motshwasi; leraba le ne le kgaohe, ra phonyoha.
1 Samuele 19:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Saule a leka ho bolaela Davida leboteng ka lerumo, Davida a mpa a qoba ho Saule, a hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, a phonyoha bosiung boo. BIBELE Saule a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo. Empa Davida a re thee! Yaba Saule o hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, mme a phonyoha hona bosiung boo. |
Moya wa rona o phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la motshwasi; leraba le ne le kgaohe, ra phonyoha.
Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.
Ke tla o etsang, Efraime? Ke tla o etsang, Juda? hobane lerato la lona le jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoka e tlohang kapele.
Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.
ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.
Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.
Saule a betsa ka lerumo, a re: A nke ke bolaele Davida leboteng; Davida a mpa a qoba habedi pela hae.
Saule a mamela lentswe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha a ka ke a bolawa.
Ebile Saule o mmetsa ka lerumo ho mo hlaba. Jonathane a tseba kahoo hobane ntatae o rerile ruri ho bolaya Davida.