Setjhaba sa re: Tjhe, o ke ke wa ya; hobane leha re baleha, ba ke ke ba re letho ka rona; leha halofo ya rona re ka shwa, le teng ba ke ke ba re letho ka rona; athe wena o ka leshome la dikete tsa rona; ho ka ba hotle jwale, leha o ka re tlatsa o etswa motseng.
Mantswe a mang a Davida a ho qetella ke wona ana: Ho bolela Davida, mora Jese; ho bolela monna ya phahamiseditsweng hodimo, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, moroki ya kgahlehang wa Iseraele.
Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba letsa pela Jehova ka diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka difate tsa kiprese, ka diharepa, le diviole, le meropa, le diterompeta, le disimbala.
Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: Na eo hase Davida, morena wa lefatshe na? Na hase yena eo ba neng ba dumelana, ba hobela, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile kete tsa hae tse mashome na?