Yaba Moshe o re ho Aarone: Nka nkgo, o e tshele homere e tletseng ya manna, o e bee pela Jehova, e tle e bolokelwe ditloholo tsa lona.
1 Samuele 17:54 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele Davida, a nka hlooho ya Mofilesta a e isa Jerusalema; le dihlomo tsa hae a di bea tenteng ya hae. BIBELE Davida a nka hlooho ya Mofilesita, a e isa Jerusalema, empa dihlomo tsa Mofilesita tsona a di bea ka tenteng ya hae. |
Yaba Moshe o re ho Aarone: Nka nkgo, o e tshele homere e tletseng ya manna, o e bee pela Jehova, e tle e bolokelwe ditloholo tsa lona.
Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.
Eitse Davida ha a kgutla hobane a bolaye Mofilesta, Abnere a mo nka, a mo isa pela Saule, a sa tshwere hlooho ya Mofilesta.
Moprista a re: Sabole e teng ya Mofilesta Goliathe, eo o mmolaileng thoteng ya Ela; bona, ke eo, e phuthilwe ka lesela kamora efoda; ha o rata ho inkela yona, e nke, hobane haese yona, ha ho e nngwe mona. Davida a re: Ha ho e kang eo, nnee yona.