Yaba Ritspa, moradi wa Aja, o nka lesela le mahwashe, a ikalla lona hodima lefika, haesale ho qalwa ho kotulwa, ho isa ha metsi a lehodimo a nela ditopo tsa bona, a se ke a dumella dinonyana tsa lehodimo ho tla dula hodima tsona motshehare, leha e le dibatana tsa naha bosiu.
ke tla ba neela matsohong a bao e leng dira ho bona le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe.
Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.
Mora motho, ere ho morena wa Tire: Morena Jehova o re: Erekaha pelo ya hao e ikgohomositse, mme o itse: Ke modimo, ke dutse teroneng ya modimo, mahareng a mawatle! athe o motho, ha o modimo, leha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le ya modimo;
Ka bona le lengeloi le leng le eme letsatsing, le howa ka lentswe le phahamileng, le howeletsa dinonyana tsohle tse fofang sebakeng sa lehodimo, le re: Tloong, le phuthehele moketeng o moholo wa Modimo,
Jwale, banna ba qhobosheaneng ba re ho Jonathane le ho lehlahana la hae: Hlwellang ho rona, mme re tla le tsebisa taba. Ebile Jonathane o re ho lehlahana la hae: Hlwa o ntshale morao, hobane Jehova o ba neetse matsohong a Baiseraele.
Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.