1 Samuele 17:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Saule le Baiseraele bohle ha ba utlwa mantswe a Mofilesta eo, ba tshaba, mme ba tshoha haholo. BIBELE Ha Saule le Baiseraele bohle ba utlwa mantswe a Mofilesita eo, ba tshoha, ba tshaba haholo. |
Jehova ke lesedi la ka le poloko ya ka; nka tshoha mang? Jehova ke qhobosheane ya bophelo ba ka; nka thothomela pela mang?
Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.
Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?
Jehova, ka sebele sa hae, o tla o etella pele; o tla ba le wena, mme a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla; se tshabe, mme o se ke wa tepella.
Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.
Baheberu ba bang ba tshela Jordane, ba tshelela naheng ya Gade, le Gileade; Saule yena a dula Gilgale, le setjhaba kaofela sa sala ho yena ka thothomelo.
Mofilesta a eketsa, a re: Kajeno, ke nyedisa makgotla a Iseraele; nneeng monna, re lwane le yena.
Haele Davida, e ne e le mora Moefrata eo wa Bethlehema wa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese; o ne a na le bara ba robileng meno e le mmedi; e ne e se e le monna ya tsofetseng hara banna ba bang mehleng ya Saule.
Ha ho le jwalo, a ikgakanya pontsheng ya bona, a iketsa lehlanya hara bona, a ngola mamating a monyako, a dutlisa dinqhenqhe, tsa dutlela tedung tsa hae.
Bafilesta ha ba utlwa hore bana ba Iseraele ba phuthehile Mitspe, marena a Bafilesta a tswa, a futuhela Iseraele. Bana ba Iseraele ha ba utlwa hoo, ba tshaba Bafilesta.