1 Samuele 16:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba fihla, a bona Eliabe, a re: Ruri, motlotsuwa wa Jehova o pela hae. BIBELE Ha ba se ba fihlile, Samuele a bona Eliabe, mme a re: “Ruri motlotsuwa wa Morena ke enwa kapele ho Morena.” |
Ke Bene-Abinadabe, sehlabeng sohle sa Dore; mosadi wa hae e ne e le Thafathe, moradi wa Salomone.
wa Juda e ne e le Elihu, e mong wa banababo Davida; wa Issaskare e ne e le Omri, mora Mikaele;
Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nkgethe hara bohle ba ntlo ya ntate hore ke be morena wa Iseraele ka ho sa feleng; hobane o fela a kgethile Juda ho mo etsa motsamaisi; tlung ya Juda o kgethile ntlo ya ntate, mme hara bara ba ntate o kgahlilwe ke nna ho nketsa morena wa Baiseraele bohle.
Roboame a inkela mosadi: ke Mahalathe, moradi wa Jerimothe, mora Davida le Abihaile, moradi wa Eliabe, mora Jese.
A ntoo re ho Seba le Tsalmunna: Banna bao le ba bolaileng Thabore e ne e le ba jwang? Ba re: Ba ne ba tshwana le wena; e mong le e mong e ne e ka mora morena.
Bara ba Jese ba bararo ba baholo ba ne ba latetse Saule ntweng. Mabitso a bara ba hae ba bararo ba ileng ntweng, la wa matsibolo e ne e le Eliabe, la ya mo hlahlamang e le Abinadabe, la wa boraro e le Shamma.
Davida a siya phahlo ya hae matsohong a molebedi wa phahlo, a titimela ntweng; a fihla, a dumedisa banababo.