Ntho tsohle tsa hae a di tlohela diatleng tsa Josefa, a se ke a hlola a botsa letho la hae haese bohobe boo a bo jang. Josefa o ne a na le sebopeho se setle, le tshobotsi e ntle.
1 Samuele 16:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) A romela ke hona, a mo hlahisa; o ne a le mokgunong, a le mahlo a matle, le ka sebopeho a le motle. Ebile Jehova o re: Tsoha, o mo tlotse, hobane ke yena eo. BIBELE Jese a roma motho ho mo lata, mme a tla le yena. O ne a le mosehla ka lebala, mahlo a hae a le matle, sebopeho sa hae se kgahleha. Jwale Morena a re: “Ema, o mo tlotse, hobane enwa ke yena.” |
Ntho tsohle tsa hae a di tlohela diatleng tsa Josefa, a se ke a hlola a botsa letho la hae haese bohobe boo a bo jang. Josefa o ne a na le sebopeho se setle, le tshobotsi e ntle.
Mantswe a mang a Davida a ho qetella ke wona ana: Ho bolela Davida, mora Jese; ho bolela monna ya phahamiseditsweng hodimo, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, moroki ya kgahlehang wa Iseraele.
Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!
Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?
o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!
Mosadi eo a emola, a tswala mora; eitse ha a bona hobane ke ngwana e motle, a mo pata ka kgwedi tse tharo.
Moratuwa wa me o mosweu, o bile o mofubedu; o kgetheha mahareng a ba dikete tse leshome;
Babusi ba hae ba ne ba hlwekile ho fetisa lehlwa, ba ne ba le basweu ho fetisa lebese; mmele ya bona e ne e le mmala o mofubetswana ho fetisa lejwe la korale, sebopeho sa bona se ne se le jwaloka lejwe la safire.
Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;
Moshe a tswalwa mehleng eo, ya eba ngwana e motle ho Modimo; a hodiswa ka kgwedi tse tharo tlung ya ntatae.
Ka tumelo, Moshe, hobane a tswalwe, o kile a patwa ke baholo ba hae ka dikgwedi tse tharo, ha ba mmona hoba ke ngwana e motle, mme ha ba ka ba tshoha molao wa morena wa Egepeta.
E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.
Eitse Mofilesta, ha a tadima, a bona Davida, a mo nyedisa hobane e le mohlankana feela e mokhunwana, ya fahleho se setle.
Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.
Samuele ha a bona Saule, Jehova a eketsa a re: O a mmona, mnna elwa ke neng ke o bolella yena; ke yena ya tla busa setjhaba sa ka.